Lefapha la Bokgabo le Botjhaba
MORALO WA PHETHAHATSO: MORALO WA TSHEBETSO WA LEANO LA NAHA LA PUO
Moralo wa Qetelo
DIKAHARE
TLHEKELO KA MOLAODI WA KAKARETSO WA BOKGABO LE BOTJHABA 3
LENANE LA DIKGUTSUFATSO 4
SELELEKELA 5-9
Sepheo 5
Dipallo tsa Leano la Puo 5
Dipuo tse sebetsang 6
Mafapha a Naha a Mmuso 6
Mafapha a Puso ya Selehae 7
Kgokahano le batho ba tswang setjhabeng 7
Sebaka seo maikutlo a tsepamisitsweng ho sona 7
Tlhophollo ya moelelo 9
Ho kenya Leano la Puo hanyane hanyane 11
Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa 12
Diyuniti tsa Puo 13
Foramo ya Naha ya Puo 15
Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo 16
Ntshetsopele ya Mareo 18
Botoloki, phetolelo le tlhaolo ya diphoso 19
Thupelo 19
Theknoloji ya Puo 20
Khoutu ya Puo ya Boitshwaro ya Bahlanka ba Setjhaba 20
Matsholo ya temoso ya Puo 22
Botoloki ba Founu 23
Ntshetsopele ya Puo ya Khoe, San le Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa 23
Boraditaba 24
TSHUSUMETSO YA DITJHELETE LE TLHOMAMISO
YA MOIFO WA BASEBETSI 25-28
Kakanyo ya ditshenyehelo 25
Tsela ya ditekanyetso tsa ditjhelete ya MTEF
Tlhomamiso ya Moifo wa basebetsi ba Yuniti 28
PUO YA MOKWALLO 29
Moralo wa Phethahatso wa Lefapha la Mmuso wa Naha 33
PUO YA TLHEKELO YA MOLAODI WA KAKARETSO WA BOKGABO LE BOTJHABA
Ke motlotlo haholo ho nehelana ka Moralo ona wa Phethahatso wa Leano la Naha la Puo o neng o sa tswa thakgolwa ke Letona haufinyane. Leano la Naha la Puo le tswetswe ke ditherisano tse batsi tseo esale di simolla morao kwana ka selemo sa 1995, ha ho ne ho kgethwa Moifo o Sebetsanang le Puo (LANGTAG). Moralo wa Phethahatso o lokodisa mawa a tla sebedisetswa phethahatso ya Leano la Puo, o hlahisa le metheo e tla ba ka sehloohong phethahatsong, le mekgwa e tla sebediswa ho akofisa ntshetsopele le kgothaletso ya Dipuo tsa rona tsa Se-Afrika.
Mmuso o lemoha diphephetso tse amehang taolong e sebetsang hantle ya dipuo tse fapafapaneng. Ke ka lebaka lona lena Moralo wa Phethahatso o hlahisang mokgwa wa katamelo o tenyetsehang ebile o tswella pele. Hobane ho lemuhuwa ntlha ya hore kgothaletso le ntshetsopele ya dipuo tsa rona e bonwa e le ya bohlokwa dipallong tsa Leano la Puo, Moralo wa Phethahatso o etsa boipiletso ba hore ho hlomamiswe moralo wa tlhekelo ya mosebetsi wa puo le mekgwa e loketseng ya phethahatso e feletseng ya tshebediso ya dipuo tse ngata Tshebeletsong ya Setjhaba. Ka hoo, balekane bao re sebedisanang le bona boemong ba mmuso wa naha, wa diprovense le wa selehae ba tla ba le seabo sa bohlokwa sa ho etsa bonnete ba phethahatso e atlehileng ya Leano la Puo.
Ka ho nkella hloohong hore phephetso ya rona jwalo ka Mmuso ke ho etsa bonnete ba hore baahi ba fuwa tshebeletso e sebetsang hantle e arabelang ditlhoko tsa bona, le hore puo ke sesebediswa sa ho hokahana le bona, ke taba ya bohlokwa hore Leano la Puo le phethahatswe ka potlako e kgolo.
Ka hoo ke lakatsa ho ipiletsa ho bomphato bohle ba rona, ke kenyeletsa mekgatlo ya mmuso le mafapha ekasitana le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa, ho netefatsa hore phethahatso ena ya moralo ona wa bohlokwahadi e etsa hore tshebediso ya dipuo tse ngata ebe ntho ya nnete e sebeletsang baahi bohle ba Afrika Borwa.
LENANE LA DIKGUTSUFATSO
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa motheo
Lefapha la Tsamaiso ya Tshebeletso ya Setjhaba
Moralo wa tshebetso wa Naha wa Leano la Puo
Moralo wa tshebetso wa Naha wa Kabo ya Mangolo
Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa
Selekane sa Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa
Balaodi ba Afrika Borwa ba Kabo ya Mangolo
Karolo ya Kgokahanyo ya Mareo
Tshebeletso ya Botoloki ba Founu ya Afrika Borwa
SELELEKELA
Moralo ona wa Phethahatso ke karolo ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa Leano la Puo(NLPF) o matlafatsang dipallo tsa puo jwalo ka ha di lokodisitswe karolong ya 6 ya Molao wa motheo, wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 108 wa 1996). Ha o feletse, sephuthelwana sena se tla botjwa ka Tlhaloso ya Leano la Puo, Moralo wa Phethahatso, Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa le melawana e lohothwang, ha mmoho le Molao wa Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo o ntseng o lohothwa.
Moralo ona wa Phethahatso o tliswa e le tlhahiso e tenyetsehang eo ho yona ho ka boelang ha kenyeletswa metheo e meng e fumanweng le mekgwa e ka sebedisetswang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata.
Tlhaloso ya Leano ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa Leano la Puo (NLPF) e ile ya phatlalatswa ke Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknolji ha Tshitwe e hlola matsatsi a 3 ka 2002. Ka morao ho moo e ile ya ananelwa ke Khabinete ha Tlhakola e hlola matsatsi a 11 selemong sa 2003. Leano lena le reretswe ho ntshetsa pele tshebediso e lekanang ya dipuo tsa molao tse 11 ka mohopolo wa etsa hore ditshebeletso tsa mmuso di fumanehe ka ho lekana, tsebo le lesedi, ekasitana le tlhompho ya ditokelo tsa puo. Dipheo tsena di itshetlehile kgothaletsong le ntshetsopeleng e atlehileng ya dipuo tsa kwano tsa molao tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng. Hobane puo ke sesebediswa sa kgokahano bophelong ba batho le ditjhaba, ke taba ya bohlokwa hore ho etswe mawa a tla rarolla tlhokeho ena ya tekano ya dipuo ya nakong e fetileng.
Sepheo
Moralo wa Phethahatso o fana ka dintlha tse mabapi le metheo le mekgwa e hlokehang ya ho kenya tshebetsong Leano lena la Puo, le se bolelwang ke ditekanyetso tsa teng tsa ditjhelete bakeng sa mafapha a naha le a diprovense.
Dipallo tsa Leano la Puo
Leano le hlakile mabapi le bonamo ba phethahatso. Metheo yohle ya mmuso (ya naha, ya diprovense le ya puso ya selehae) e tlangwa ke dipallo tsa Leano, jwalo ka ha di tlama mekgatlo efe kapa efe e nang le matla a setjhaba kapa e etsang mosebetsi wa setjhaba ho latela molao. Leano la Puo ho feta mona le etsa monyetla wa tshebediso ya dipuo ka tsela ena e latelang:
Puo kapa dipuo tse sebetsang
Lefapha le leng le le leng kapa Provense le ka kgetha puo e tla sebetsa ho lona. Ho ntse ho hlokometswe hore ho seke ha ba le motho ya tla thibelwa ho sebedisa puo ya kgetho ya hae. Ha tlhokeho e le teng, ho fumanwe ditshebeletso tsa botoloki kapa tsa diphetolelo.
Mafapha a mmuso wa Naha
Mabapi le dikgokahano tsa puo e ngotsweng, ho tla lokela hore ho latelwe lenaneo la dikgatiso la tshebediso ya dipuo tse ngata tse sebetsang (ho nketswe hloohong tshebetso, batho ba mametseng le molaetsa) moo ho sa hlokeheng hore ho hatiswe ka dipuo kaofela tse 11 tsa molao. Leha ho le jwalo, moo tshebetso e tsitsitseng ebile e sebetsa hantle ya mmuso boemong bofe kapa bofe e hlokang kgokahano e phethahetseng ya lesedi, kgatiso e tla lokela hore e etswe ka dipuo tse 11.
Moo ditokomane tsa mmuso di kekeng tsa kgona hore di fumanehe ka dipuo tse 11 tsa molao, mafapha a mmuso wa naha a tla lokela hore ka nako e le nngwe a hatise bonyane dipuo tse tsheletseng. Dipuo di tla hlwauwa ka tsela e latelang:
Tshivenda;
Motheo wa potoloho o tla lokela hore o sebediswe ha ho hlwauwa dipuo tsa sehlopha sa bokone (Nguni) le sa seSotho. Ka hoo bonyane tlhoko ya mafapha a mmuso wa naha e tla ba ho hatisa ditokomane tsa molao ka dipuo tse tsheletseng.
Motheo wa potoloho ha o sebetse diprovenseng, hobane di lokela hore di sebedise dipuo tsa tsona tsa molao tse tsepamisitsweng.
Mebuso ya selehae
Mebuso ya selehae e tla tsepamisa puo eo e tla e sebedisa le dipuo tse kgethwang ke baahi ba bona kahare ho moralo wa tshebetso wa puo provenseng eo. Ha ho se ho tsepamisitswe puo e tla sebediswa le e kgethwang ke baahi ba moo, mebuso ya selehae e lokela hore, ka ditherisano tse batsi le baahi, e ntshetse pele, le hore e phatlalatse le ho phethahatsa leano la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Kgokahano le setjhaba
Ka mabaka a ngollano ya molao, puo ya kgetho ya moahi e lokela hore e sebediswe. Kgokahano ya puo ya molomo yona e tlameha hore e etswe ka puo ya molao e kgethilweng ya bamamedi ba habilweng. Ha ho hlokeha, ho tshwanetse hore ho etswe mekutu yohle ya ho sebedisa menyetla ya puo e kang botoloki (bo latelanang ka dinako tsohle, bo etsahalang hong, ba founu le botoloki bo sejwang) moo ho kgonehang. Tlhophiso ena e lokela ho sebediswa diprovenseng ha mmoho le mafapheng a mmuso wa naha.
Dibaka tseo maikutlo a tsepamisitsweng ho tsona
Tshebetso ya phethahatso e tataiswa ke dipheo le maikemisetso a totobaditsweng Leanong. Tsena ke dibaka tseo boholo ba maikutlo bo tsepamisitsweng ho tsona bakeng sa phethahatso:
a Ntshetsopele ya dipuo tsa kwano, ho kenyeleditswe tlhomamiso ya meralo le ntshetsopele ya dihlahiswa tse jwalo ka buka tsa mantswe kapa didikshenari le dikerama.
b Qobello ya boikarabelo ba mmuso ho tiisa hore melemo ya ho finyeletsa tshebeletso e qhalanngwa ka tsela e lekanang ya nehelano hore ho fumanehe tekano ditshebeletsong tsa baahi bohle ho sa natswe puo ka morero wa ho matlafatsa seabo sa bona le lentswe la bona ditabeng tsa mmuso.
c Taolo ya dipuo kaofela ho etsa bonnete ba tshebediso e sebetsang ya dipuo tsohle tsa molao le ho ntshetsa pele setshwantsho sa setjhaba sa Mmuso.
d Kgothaletso ya ho ithuta puo, e entsweng ka ho ikgetha ho latela Tshebeletso ya Setjhaba, ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya bahlanka ba Tshebeletso ya Setjhaba le tlhahiso ya bona sebakeng sa mosebetsi le ho etsa hore ho bonahale melemo ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
e Kgothaletso ya dipuisano tsa motjha o tjhele tse kgabane tsa tshebediso ya dipuo tse ngata le ba nang le seabo le baamehi.
f Tlhomamiso ya dilekane tsa tshebedisano ho etsa bonnete ba hore phethahatso ya Leano lena e atlehe.
Phethahatso ya leano lena e tla bonwa ka dintlha tse latelang tsa sehlooho:
a Phethahatso ya Leano e tla kenngwa ka mehato hanyane hanyane jwalo ka nako e utlwahalang.
b Tshebetso ya phethahatso e tla etsahala kahara metheo e behilweng ka tsela e hlakileng le e kgonang ho laoleha.
c Bokgoni bo tla thehwa ka tsela e eketswang ha e ntse e tswela pele bakeng sa phethahatso e nang le moelelo le phethahatso e sebetsang hantle.
d Phethahatso e atlehileng e tla hloka hore ho fetolwe tlwaelo ya tshebediso ya dipuo tsa molao mafapheng a mmuso ho netefatsa hore dipuo tsa kwano di sebediswa ka matla meelelong e fapafapaneng.
e Ho tla hlokeha taolo e sebetsang hantle ya mehlodi mabapi le tlhoko e eketsehileng ya diphetolelo le tlhaolo ya diphoso, haholoholo dipuong tsa
Se-Afrika.
f Ho tla tadingwa pele mahlale a mang a thupelo diphetolelong le tlhaolong ya diphoso, botoloking, leksikhokrafing le mokgweng wa mareo.
g Katleho ya phethahatso ya Leano e tla hlahlojwa kgafetsa ka tshebedisano e kgolo le Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa PanSALB. Dipehelo tse nang le dintlha tse phethahetseng mabapi le tekolo tsa mofuta o jwalo di tla phatlalatswa.
h Ha ho hlokeha ho tla etswa diphuputso tshebedisong ya puo e le ho fana ka lesedi le hlokehang diqetong tsa ho etsa Leano le tsa phethahatso.
Tlhophollo ya moelelo
Afrika Borwa e fetohile lelapa la botjhaba bo fapafapaneng haholo le dipuo. Ho akanngwa hore ho buuwa dipuo tse ka bang 25 naheng ena, tseo tse 11 ho tsona di fuweng maemo a molao ho latela karolo ya 6 ya Molao wa motheo. Dipuo tsena tse 11 di sebediswa jwalo ka dipuo tsa malapeng ke karolo e etsang 98% ya setjhaba, jwalo ka ha ho bontshitswe setshwantshong sena se latelang, e leng se thehilweng Dipalong tsa Setjhaba 1996:
Le leng la makgetha a dipuo tsa Afrika Borwa ka lehlakoreng le leng ke ntlha ya ho hlokiswa matla ha dipuo tsena, ha ka lehlakoreng le leng e le taba ya bompodi. Leano la nakong e fetileng la tshebediso ya dipuo tse pedi ka molao e ile ya tswala dikamano tse hlokang tekano mahareng a English le Afrikaans (tseo e neng e le tsona feela dipuo tsa molao) le Dipuo tsa Se-Afrika. Bompodi ba dipuo tsena bo ile ba eba le tshwaetso e nang le leeme ka tsela e batsi haholo bathong ba bangata ba buwang dipuo tsena tsa Se-Afrika ho latela kgokahano ya batho ba batsho le Mmuso, le taba ya hore ba kgone ho fumana ditshebeletso tsa mmuso, toka, thuto le mesebetsi.
Ntshetsopele ya dipuo tsa Se-Afrika ke ya bohlokwa haholo hore ho tle ho kgonwe ho lokisa taba ena ya tlhokeho ya tekano. Ntshotsopele e fokolang eo esale e ba teng ka nako e fetileng ya ho beha ka mosing dipuo tsena ho latela tshwano le mongolo, mareo a thekniki le buka tsa pokeletso ya mantswe ke phephetso e kgolo haholo hore Leano le kgone ho sebetsa hantle. Ho feta mona, pehelo ya LANGTAG ya 1996 e bontsha hore ntlha ya ntshetsopele e fokolang ya dipuo tsena e kentse letsoho tjhadimong e fosahetseng eo le beng ba dipuo tsena ka bobona ba nang le yona ka dipuo tsa bona. Kgetho ya English le kapa Afrikaans e pheheletswe ka lebaka la boemo ba dipuo tseo ba ho sebetsana le puo ya thekniki.
Phephetso e kgolo ya phethahatso ke ditlwaelo tse teng hona jwale tsa puo, tse hokahaneng haholo le tshebediso e ngata ya Senyesemane mona Afrika Borwa ya ka morao ho nako ya kgethollo. Senyesemane se sebediswa ka mokgwa o batsi dibakeng tse ngata, metheong ya mmuso le ditabeng (dikoranteng le kgasong ya ditaba tsa ilektroniki), sebakeng sa mosebetsi e le puo e sebediswang ke bohle bakeng sa kgokahano le dihlopha tse fapafapaneng, le jwalo ka puo ya Inthanete le saense ha mmoho le theknoloji. Leha Senyesemane se nehelana ka menyetla ya ho fumana mosebetsi le thuto, se boetse ke tshitiso bathong ba haellwang ke tsebo ya ho buwa puo eo. Leha Senyesemane se bonwa e le senotlolo sa phedisano le motsamao wa moruo le katleho se tlisa tshoso tshebedisong le tlhokomelong ya dipuo tsa kwano le phethahatsong ya leano la tshebediso ya dipuo tse ngata.
Leha ho le jwalo, tsebo ya puo ya Senyesemane hae e a phatlalla jwalo ka moo ho lebeletsweng ka teng, mme ho na le monyetla wa hore ho hlahele sehlopha sa batho ba itseng ba buwang puo ya maemo a hodimo. Dipatlisiso tsa naha tsa puo ya setjhaba tse neng di etswa ke Lekgotla la Dipuo tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 di bontsha hore batho ba fetang 40% ba Afrika Borwa ha ba utlwe letho le buuwang ka puo ya Senyesemane. Ho fumanehile hore batho ba bangata ba Afrika Borwa ha ba kgotsofala ka moo dipuo tsa bona di sebediswang ka teng setjhabeng. Dipatlisiso tsena di ile tsa fumana le hore setjhaba ka kakaretso hantlentle se nka Tshebeletso ya Setjhaba e sa fihlellehe ho latela taba ya puo.
Hodima taba ya ntshetsopele ya dipuo tsa Se-Afrika, ho tla hlokeha hore ho netefatswe taba ya tshebediso ya dipuo kaofela tsa molao. Moralo wa Phethahatso o rarolla dintlha tsena ka ho hlahisa tlhomamiso ya metheo e itseng le ho fumana mekgwa e itseng e tla boela e tlisa tharollo boemong bona.
Ho kenngwa ha Leano la Puo ka hanyane hanyane
Ho ntse ho lemohuwa ntlha ya hore phethahatso ya Leano lena e tla tlisa ho sutha ho matla tshebetsong tse teng tsa hona jwale, katamelo ya phethahatso e tenyetsehang le e tla eketseha ka maemo a fapaneng jwalo jwalo e tla sebediswa. Ka morero wa hore ho tshireletswe phethahatso e kekeng ya sebetsa hantle, ho etswa tlhahiso ya hore:
a Leha mafapha a maholo a 10 a tla tadingwa hore a eteletswe pele tlhomamisong ya diyuniti tsa puo, mafapha a mmuso kaofela a tla hloka hore a thehe diyuniti tsa puo.
b Dikgatiso tsa tshebediso ya dipuo tse ngata di lokela hore di kenngwe tshebetsong ka hanyane hanyane nakong ya dilemo tse tharo ho latela lenaneo la mafapha la dikgatiso. Mohlala, selemong sa pele e tla ba 30%, selemong sa bobedi e tla ba 60% mme selemong sa boraro ho hatiswe 100% ya dikgatiso kaofela.
Metheo e itseng le mekgwa ho latela ka moo e tshohlilweng ka teng karolong e latelang e hlahiswa ka morero wa ho matlafatsa phethahatso e sebetsang hantle. Metheo ena e tla hlokeha taolong ya tshebediso ya dipuo, ho hokahanya merero ya diprojekte tsa puo, ho kenya mokgwa wa profeshenale tabeng ya ho kgothaletsa seabo sa ditshebeletso tsa puo. Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) le ya Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) di tla thusa ka tlhomamiso ya metheo e hlokehang le ho fana ka seabo sa kgokahano mabapi le mekgwa e seng e fumanwe. Leha ho le jwalo, katleho ya phethahatso e tla itshetleha haholo tshebedisanong le metheo ya naha kaofela le ya diprovense, ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB).
Ha ho eketswa metheong e seng e le teng ya PanSALB le Hansard, metheo e lokelang hore e hlomamiswe ho laola phethahatso ya Leano la Puo ke Diyuniti tsa Puo, Foramo ya Naha ya Puo le Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo.
Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa
Lekgotla la Dipuo tsohhle Afrika Birwa la Dipuo tsohle (PanSALB) ke molekane wa lewa wa Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ditabeng tsa puo. Ka hoo Lekgotla lena le na le seabo sa bohlokwa haholo ntshetsopeleng le kgothaletsong ya dipuo tsa molao tsa Afrika Borwa, ha mmoho le dipuo tsa Khue le San le Puo ya Afrika Borwa ya batho ba buwang ka matsoho. Mesebetsi e amanang le tlhomamiso ya metheo e metjha le mekgwa e tla etswa ka tshebedisano e matla le PanSALB. Metheo e latelang, ka ho ikgetha, e tla sebediswa haholo ntshetsopeleng ya dipuo tsa kwano:
a Dikomiti tsa Puo tsa Diprovense PLCs b Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi NLUs c Meifo ya Naha ya Puo NLBs
Dikomiti tsa Puo tsa Diprovense (PLCs) di tla lokela ho sebedisana haholo le diprovense ditabeng tsa puo tse amang diprovense tsa tsona tse ikgethang. Di tla sebetsa le ho fana ka keletso ditabeng tse amanang le -
a ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata;
b molao wa leano la puo, ho kenyeleditswe le leano la puo, ditlwaelo le molao wa provense le balaodi ba selehae provenseng eo;
c puo thutong, diphetolelong, botoloking, ntshetshetsopele le kgothaletso ya dingolwa le dipuo tse neng di behilwe ka mosing nakong e fetileng, ditokelo tsa puo le poelano, ntshetsopele ya leksikhokrafi le ntshetsopele ya mareo;
d dipatlisiso; le e merero ya diprojekte
Seabo sa Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi
Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs) di tla nne di tswela pele ho ntshetsa pele dibuka tsa pokello ya mantswe kapa didikshenari ka dipuo tsohle tsa molao. Di tla lokela hore di hokelwe ho Karolo ya Kgokano ya Mareo ya Moifo wa Naha wa Puo. Metjha ya tlaleho leha ho le jwalo, e tla lokela hore e hlaloswe ka tsela e hlakileng.
Seabo sa Meifo ya Naha ya Puo
Meifo ya Naha ya Puo (NLBs) ha e a botjwa feela ka ditho tseo eleng dibui tse antseng puo e amehang letsweleng, empa sekepele se seholo se sebediswang ho ba hlwaya ke hore ke batho ba nang le tsebo e ikgethang ya puo hobane ba lokela hore ba eletse Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) ka ditaba tse amanang le Tshwano, Leksikhokrafi, Mareo le Dingolwa. Ke balaodi mabapi le kananelo ya leksikhokrafi le tshwano puong.
Makgotla a etsang melao le Palamente ho latela sebopeho sa mesebetsi ya ona, jwalo ka ha e le tokelo ya ona, a lebeletswe ho fana ka ditshebeletso dipuong tsohle tse 11 tsa molao. Leha ho le jwalo, maemo a lebatowa le ona a tla tsepamisa puo kapa dipuo tse tla sebediswa. Ka mantswe a mang, diprovense ha se hakaalo hore di lokela ho fana ka ditshebeletso tsa dipuo tse 11 kaofela. Diofisi tsa Hansard tse Palamenteng le diprovenseng tse fapafapaneng di na le seabo sa bohlokwa ho tshehetsa taelo ena. Ka hoo ke taba ya bohlokwa hore diofisi tsena di sebedisane le Diyuniti tsa Puo le metheo e meng e amehang.
Diyuniti tsa Puo mafapheng a mmuso le a diprovense
Phethahatso ya Leano la Puo e tla etsa hore tlhokeho ya ditshebeletso tsa puo e eketsehe haholo, haholo phetolelo, ntshetsopele ya tlhaolo ya diphoso le mareo. Ho latela dipatlisiso tsa Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) tsa 2001, metheo e ka etsang 40% ya mmuso le e etsang 80% ya diprovense e na le diyuniti tsa ho sebetsana le diphetolelo le dintlha tsa tlhaolo ya diphoso, empa diyuniti tsena di fapana ka boholo le mosebetsi. Ha Leano la Puo le se le sebetsa, ho tla hlokeha hore mafapha kaofela a mmuso wa naha le a diprovense a lokele hore a be le diyuniti tsa puo.
Mofuta wa motheo
Diyuniti tsa Puo tse sebetsang ho laola phethahatso ya Leano la Puo di tla hlomamiswa mafapheng ohle a mmuso le provenseng e nngwe le e nngwe. Yuniti e nngwe le e nngwe ya puo e tla ba le moifo wa basebetsi ba nang le bokgoni ba ho fetolela kapa ho isa mosebetsi wa diphetolelo bafetoleding ba kantle mme bona ba hlahlobe boleng ba mesebetsi ena e fetoletsweng ?
dipuong tse 11 tsa molao, mafapheng a naha a mmuso; kapa dipuong tse kgethilweng tsa molao provenseng e qoholehileng.
Mosebetsi wa ho lebisa mosebetsi o lokelang ho fetolelwa bafetoleding ba poraefete o tla tsamaiswa ho latela leano la diphetolelo le la ho hlaola diphoso la ho lebisa diphotelolo bafetoleding ba poraefete, le lebeletsweng hore le tsepamise taba ya ho ntshuwa ha dithendara tsa ditshebeletso tsa diphetolelo le tlhaolo ya diphoso bonyane dilemong tse ding le tse ding tse pedi.
Lebakabaka
Diyuniti tsa Puo e tla ba tsona tsa bohlokwa ho etsa bonnete ba tshebediso ya ka dinako tsohle ya dipuo tsa molao ho latela tlhoko ya Leano la Puo. Diyuniti tsena di tla tshehetsa mekutu ya phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Mosebetsi
Mosebetsi wa diyuniti tsena e tla ba ho laola phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata lefapheng le ikgethang kapa provenseng le ho buisana le mafapha a mang a ditabeng tsena tsa puo.
Diyuniti tsa Puo di tla ikarabella, hara tse ding, ho tse latelang:
Tlhomamiso ya Leano la Puo lefapheng kapa provenseng.
Ho tlisa temoso ya Leano la Puo le Khoutu ya Puo ya Boitshwaro kahare ho lefapha la provense.
Tsamaisong le ho fana ka thuso ya tshebeletso ya diphetolelo kaofela le tshebeletso ya ho hlaola diphoso, kahare kapa mosebetsing o isitsweng ho bafetoledi ba poraefete.
Ho bala ka morero wa ho lokisa diphoso le kgatiso ya ditokomane ka dipuo tsa molao.
Ho thusa ka tshebediso ya ditshebeletso tsa botoloki dipuong tsa molao.
Keletso ya lefapha le diprovense ka tshebediso ya puo (ya molomo le e ngotsweng).
Taolo le ho thusa ka mananeo a thupelo bakeng sa bathaotuwa ba batjha diphetolelong, tlhaolong ya diphoso le ntshetsopeleng ya mareo, le mananeong a puo.
Tshebedisanong le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa DAC le PanSALB mohlala, dikomiti tsa diprovense tsa puo, meifo ya naha ya puo le diyuniti tsa naha tsa leksikhokrafi ho ntshetsa pele mareo.
Ho sebetsa jwalo ka monamodi dipakeng tsa lefapha kapa provense le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) le kapa Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika (PanSALB) mabapi le tshehetso ya ntshetsopele le thupelo eo DAC le kapa PanSALB di fanang ka yona.
Ho kgothaletsa tshebediso ya puo e tlwaelehileng Tshebeletsong ya Setjhaba.
Diyuniti tsa dipuo kaofela tse hlokwang ke Leano di lokela hore di be di hlomamisitswe mafelong a 2005.
Foramo ya Naha ya Puo
Mofuta wa motheo ona
Ho tla thehwa Foramo ya Naha ya Puo e nang le marangrang a tshebedisano a baemedi ba tswang mekgatlong ya mmuso le mekgatlong eo eseng ya mmuso. Foramo ena e tla kopana dikgweding tse ding le tse ding tse tharo. E tla botjwa ka baemedi ba tswang mebusong ya diprovense le ba tswang mmusong wa naha bao e tla ba karolo ya tshebetso ya ho kenngwa tshebetsong ka hanyane hanyane, ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) le metheo ya teng. Ka lebaka la ho potlaka ho ka bang teng, moemedi ya tswang Lekgotleng la Dibaka tsa Thuto ya Thesheari o tla lokela hore a kene Foramong ena.
Lebakabaka
Sepheo sa Foramo ya Puo ke ho kgothaletsa puisano ka leano la puo le ditaba tsa phethahatso dipakeng tsa basebedisi ba puo le ditsebi tlasa boetapele ba Lefapha la Bokgabo le Botjhaba. Maikutlo a tla tsepamiswa haholo kgokahanong ya metheo e fapafapaneng le ditshebeletso tabeng ya ho phethahatsa Moralo wa Naha wa Leano la Puo (NLPF) ka sepheo sa ho eketsa kgokahano le tshebetso e ntle tshebedisong ya mehlodi. Foramo ena e tla fetoha lepatlelo moo ho fapanyetsanwang ka maikutlo le boitsebelo ka sepheo sa ho rala merero ya diprojekte le mesebetsi e meng e amanang le moo.
Mosebetsi
Mosebetsi o moholo wa Foramo e tla ba ho hlokomela mosebetsi wa phethahatso, le ho lekodisisa merero ya diprojekte ha mmoho le ho tadima tse lokelang hore di tliswe pele ho tse ding ekasitana le ho kganna matsholo a phatlalatso. Foramo e tla ba le mosebetsi wa ho theha marangrang a kgokano le tshebedisano ditabeng tsa phethahatso ya Leano la Puo. Ka hoo, maikutlo boholo a tla tsepamiswa ntshetsopeleng ya mareo le mererong ya diprojekte tsa puo ho thibela phetapheto efe kapa efe ya mekutu e etswang, mme ka ho etsa jwalo hona ho tla phahamisa poello matseteng a entsweng.
Ho etswa ha tlhahiso ya hore Foramo ya Naha ya Puo e amohelwe ka molao.
Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo
Mofuta ona wa motheo
Lekgotla lena le tla kgethwa ke Letona la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji mme le tla botjwa ka motho a le mong ya thontsweng ke DAC, DoJ, PanSALB, SAQA, le Lekgotla la Thuto e Phahameng le batho ba tsheletseng ba thontshweng ke mekgatlo ya profeshenale le e meng sedikadikweng sena sa diphetolelo, botoloki, leksikhokrafi, mareo, tlhaolo ya diphoso puong le molao. Ditho tsa Lekgotla di tla ba tshebetsong nakong ya dilemo tse hlano, empa di tla kgona hore di ka abelwa mosebetsi kapa hona ho kgethwa hape nakong e fetang nako e le nngwe ya tshebetso. Lekgotla le tla hlomamiswa jwalo ka moifo wa molao ho latela Molao wa Palamente.
Lebakabaka
Sepheo sa Lekgotla la Basebetsi ba sebetsang ka Puo la Afrika Borwa e tla ba ho phahamisa boemo ba profeshene ena le ho sireletsa boleng ba dihlahiswa. Lekgotla lena le tla sireletsa le setjhaba se sebedisang ditshebeletso tsa puo.
Mesebetsi
Lekgotla la Basebetsi ba sebetsang ka Puo la Afrika Borwa le tla tsamaisa thupelo, kabo ya mangolo le ngodiso ya basebetsi ba puo ka morero wa ho phahamisa boemo ba profeshene ya puo le boleng ba dihlahiswa tsa puo ka beha le ho hlokomela maemo. Lekgotla le tla sebedisana le mananeo a thupelo a Moralo wa Naha wa Kabo ya Mangolo (NQF) le Balaodi ba Kabo ya Mangolo ba Afrika Borwa (SAQA).
MEKGWA E TLA SEBEDISWA
Mekgwa e tla sebediswa ho phethahatsa Leano lena la Puo ke ntshetshopele ya mareo, phetolelo le tlhaolo ya diphoso, theknoloji ya puo, khoutu ya boitshwaro ya puo, tataiso ya ditshebeletso tsa puo, tlhakiso tsa puo le dipatlisiso, matsholo a temoso ya puo, Tshebeletso ya Phetolelo ya Founu ya Afrika Borwa, Pokello ya lesedi, ntshetsopele ya Puo ya batho ba sebedisang matsoho ho buwa, boithuto ba puo le ditekanyetso.
Ntshetsopele ya Mareo
Phethahatso ya Leano la Puo e tla tswala hore ho be le tlhokeho e kgolo ya diphetolelo le tlhaolo ya diphoso, ntshetsopele ya mareo a makala a fapaneng a bophelo e tla hlokeha haholo, mme ho tla hlokeha tshebedisano le baamehi kaofela, diyuniti tsa puo le meifo ya puo (mohlala, dibopeho tse tlasa PanSALB tse kang diyuniti tsa naha tsa leksikhokrafi, meifo ya naha ya puo le dikomiti tsa provense tsa puo). Karolo ya Kgokahano ya Mareo (TCS) ya Tshebeletso ya Naha ya Puo (NSL) e tla fumana tshebedisano ya sebele ka puisano le Foramo ya Naha ya Puo. Sesiu sa Naha sa Pokello ya Mareo sa khompeuta se tla thehwa ke Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ho thusa ka mokgwa wa hore ho finyellwe le ho qhalanngwa ha mareo ka dipuo tsohle tsa molao. Sesiu sa Mareo se tla kgona ho ka fihlellwa ka tsela ya Inthanete le se tla dula se ntjhafatswa bonyane hang ka kgwedi.
Tshebeletso ya Naha ya Puo nakong ya hona jwale e tshwarahane le merero e itseng ya diprojekte ka sepheo sa ho theha sesiu sa lesedi sa mareo a tshebediso ya dipuo tse ngata se kenyeleditseng mahlakore a fapaneng a lesedi, se nang le monyetla wa hore ho ka hlahiswa manane a mareo ka metswako e fapafapaneng ya puo ka sona. Ho latela ditlhoko tsa mosebedisi ya itseng kapa dikopo tsa mananeo a jwalo a mareo a ka boelang a fana ka lesedi le kang la ditlhaloso, dipolelo tseo eleng mehlala, moelelo, le mohlodi wa dikgatiso. Hore ho tle ho finyellwe maikemisetso ana, e meng ya merero ya diprojekte tse latelang e se e ntse e ntshetswa pele:
a Disaense tsa Botho, Phedisano, Moruo le tsa Taolo b Saense tsa Tlhaho le Theknoloji ya Mohato wa 1 ho isa ho wa 6
c Dipalo tsa Mmetse tsa Mohato wa 1 ho isa ho wa 6
e Radio ya Baahi
Ho tla kgothaletswa tshebedisano ya mahlakore a mangata le dinaha tsa Afrika e ka Borwa mabapi le ntshetsopele ya dipuo tse sebediswang ha mmoho le ba ka mose wane ho meedi ya rona.
Botoloki, phetolelo le tlhaolo ya diphoso
Ha jwale ho bonahala ho na le metheo e sa phethahalang ya botoloki, diphetolelo, le tlhaolo ya diphoso. Leha diyuniti tsa puo di tla ba le seabo se seholo tharollong ya qaka ena ho fihlela kaekae, ho tla ke ho hlahlojwe sekgeo se seholo se teng dipakeng tsa tlhokeho le ho batleha ha ditshebeletso tsa puo ha mmoho le bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse jwalo. Ditaba tse tla lokela hore di rarollwe ke tse latelang:
a Dithuto tsa thupelo ya bafetoledi b Mehlodi ya Diphetolelo kapa botoloki c Leano la phetolelo le tlhaolo ya diphoso
Tataiso ya Leano la Diphetolelo le Tlhaolo ya diphoso e reretswe ho fana ka tataiso diphetolelong tsa kahare, ntlheng ya ho hlaolwa ha diphoso le tlhatlhobong ya ditokomane ha mmoho le ho romela ditokomane tse lokelang ho fetolelwa bafetoleding ba poraefete ka maikutlo a ho ntlafatsa taba ya ho finyeletsa tshebeletso le ho nehelana ka dihlahiswa tsa boleng bo hodimo.
Thupelo
Kaho ya bokgoni, haholoholo diphetolelong, tlhaolong ya diphoso, botoloking, ho leksikhokrafi le mareong, e tla hlokeha molemong wa katleho ya phethahatso ya Leano lena. Thupelo e mabapi le taolo ya tshebediso ya puo e tla rarollwa ke mananeo a thupelo a hlophisitsweg ke Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ha mmoho le Lekgotla la Dipuo tsohle la Afrika Borwa (PanSALB) ka tlatsetsano le bafepedi ba ditshebeletso ba nang le mangolo.
Ho tla buisanwa le bafepedi ba tshebeletso ka mananeo a tswang ka mothamo bakeng sa basebetsi ba sebetsang ka puo ba seng ba ntse ba le teng, mme ho tla fanwa ka matlole a thuso ya ditjhelete bakeng sa bathaotuwa ba batjha le basebetsi ba seng ba le teng ba puo. Mananeo a thupelo a tla kenyeletsa dithuto tse kgutshwanyane, mananeo a thupelo a batho ba seng ba ntse ba le mosebetsing le mananeo a thupelo a nako e feletseng.
Tshebedisano le SAQA, Lefapha la Thuto (DoE) le mekgatlo ya thuto, hara mekgatlo e meng, e tla ba ntho ya bohlokwa haholo ntlheng ya ho rarolla bothata ba kgaello ya basebetsi ba puo ba profeshenale. Ditlhoko tsa Moralo wa Naha wa Kabo ya Mangolo (NQF) di tla lokela hore di sekehelwe tsebe ha ho ralwa le ha ho nehelanwa ka mananeo a thupelo.
Tshebeletsong ya Setjhaba hore bahlanka bohle ba tshebeletso ya setjhaba ba ithute puo le ntshetsopele ya tsebo e ntle ya dipuo tse ding ntle le dipuo tseo ba di antseng letsweleng ke ntlha ya bohlokwa ya tshebetso e kgabane ya ho finyeletsa ditshebeletso bathong. Lefapha la DAC le tla ntshetsa pele dikgothaletso tse itseng ka tshebedisano le PanSALB, DoE le DPSA e le ho kgothaletsa bahlanka ba setjhaba hore ba kgone ho sebedisa dipuo tse ngata ka ho ithuta le ho hlokomela dipuo tse ding hape.
Theknoloji ya Puo
Theknoloji e lokela hore e sebedisetswe ho thusa hore ho be le tshebedisano dipakeng tsa ba amehang puong ha mmoho le ho ntshetsa pele dipuo tsa kwano. Theepa ya Khompeuta e tshwanang le mananeo a khompeuta a ?word processing?, mekgwa ya taolo ya mareo, le theepa ya mananeo a khompeuta a phetolelo e lokela hore e tsamaelane e le ho kgothaletsa phapanyetsano ya mareo le lesedi le leng le le leng dipakeng tsa diyuniti kaofela tsa puo le mahatammoho a mang a kang Hansard le Diyuniti tsa Naha tsa Leksikhokrafi (NLUs).
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba ka morero wa ho arabela tlhokeho ya ho potlakisa ntshetsopele ya dipuo tsa kwano le ho fumana ekasitana le ho tsamaisa ?digital text? e kgonang ho sebediswa hape le ?speech data?, le tsitlalletse kaho ya bokgoni le ho nehelana ka moralo wa theknoloji ya lesedi. Dipuo tsa kwano di tla tshehetswa ke mawa a matjha a ntshetsopele a sebedisang theknoloji e ntjha, mateano a mahlakore a fapaneng le tshebediso.
Khoutu ya Puo ya Boitshwaro ya Bahlanka ba Setjhaba
Khoutu ya Puo ya boitshwaro ya bahlanka ba setjhaba e tla lokodisa ka moo bahlanka ba setjhaba ba lokelang hore ba buisane ka teng le ho tswakatswakana le setjhaba hore ba kgone ho fana ka tshebeletso e sebetsang hantle. Khoutu ya Puo ya boitshwaro e tla kenyeletsa le metheo ya Batho Pele ho latela ka moo Tshebeletso ya Setjhaba e nang le boitlamo ba ho nehelana ka lesedi le phethahatseng ka teng, le le nepahetseng ho setjhaba se hlokang thuso eo ka puo eo ba e utlwisisang hantle. Khoutu e tla toboketsa hore ha ho motho kapa mohlanka wa setjhaba ya lokelang hore a tehelwe ka thoko kapa a behwe ka mosing ka taba ya tshebediso ya dipuo.
DAC le DPSA mmoho le ho rerisana le mafapha a mang a mmuso, di tla ntshetsa pele le ho hasanya khoutu jwalo ka ha Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa o lohothwang o entse monyetla o jwalo. Letona le tla phatlalatsa melawana e mabapi le khoutu ena Koranteng ya Mmuso ho ella mafelong a 2005.
Ha mmoho le taba ya phatlalatso Koranteng ya Mmuso, ho tla hasanngwa karolo ya puo e bonolo ho etsa bonnete ba hore bahlanka ba setjhaba ba lemoha khoutu eo.
Ho tla etswa lenane la ditshebeletso tsa puo (mohlala, pokello ya lesedi le nang le mabitso a mekgatlo ya boemedi/dikhampani kapa diyuniti tsa puo, ditshebeletso tsa diphetolelo, tlhaolo ya diphoso, le tshebeletso ya mareo ekasitana le moralo wa dipuo). Dikhopi tsa lenane lena di tla hasanngwa mafapheng a mmuso wa naha le wa diprovense, ha mmoho le mekgatlong ya puo ekasitana le diyunivesiting. Lenane lena le tla fumaneha le websaeteng ya DAC mme le tla dula le ntjhafatswa ho ya ho ile. Taolo e sebetsang hantle ya phethahatso ya leano e tla matlafatswa ke hore ho fanwe ka lesedi ka mehlodi e fumanehang ha mmoho le mekgatlo ya puo.
Ho boetse ho na le tlhokeho ya lepatlelo le tla sebediswa ke bohle kapa sesebediswa se reretsweng mosebetsi wa ho bokella le ho hasanya lesedi ka leano la puo le ditaba tsa phethahatso, mekutu e etswang le ditshekamelo (boholo sena se lokela ho etsahala boemong ba naha, empa le boemong ba lebatowa (Afrika e ka Borwa) le boemong ba matjaba).
Maikemisetso ke ho ntshetsa pele phapanyetsano ya lesedi, le diphuputso ha mmoho le tshebedisano dipakeng tsa mekgatlo ya boemedi ya taolo ya puo ekasitana le bathong ba nang le thahasello. Ho phaella ho lengolo la ditaba le tla hlahiswa kgweding tse ding le tse ding tse tharo, ho tla thakgolwa le websaete e tla dula e hlokometswe.
Lesedi le loketseng le dinyehelo tse tswang ho baamehi le tla tsongwa haholo ke Tshebeletso ya Naha ya Puo (NLS).
Phethahatso e tswelang pele motjha o tjhele le e sebetsang hantle ya leano ha mmoho le tekolo e tla hloka lesedi le nepahetseng ka dipaterone tsa tshebediso ya puo le ditlwaelo tse teng hona jwale hore ho tle ho fumanwe matla le mefokolo ya Leano le ho hlokomela katleho. Dipatlisiso tsa Puo le ditlhakiso di tla thusa mmuso ho etsa qeto tse nang le kutlwisiso mabapi le Phethahatso ya Leano la Puo.
Diyuniti tsa puo di tla hlokeha ho etsa ditlhakiso tsa mahlale a teng a puo le bokgoni mafapheng a tsona kapa a provense. Lesedi lena e tla ba la bohlokwa haholo mabapi le ho thaotha, ho phethahatsa Khoutu ya Puo ya Boitshwaro le ho fumana ditlhoko le ditlhokeho tsa lefapha le ikgethang kapa provense.
Matsholo a temoso ya Puo
Matsholo a temoso ya Puo a hlokeha hore ho tsosoloswe tjantjello ya setjhaba ditabeng tsa puo. DAC ka tshebedisano le PanSALB di tla dula di tshwara matsholo a temoso ya puo motjha o tjhele ho ?
a tjhorisa maano a puo le ditlwaelo mahlakoreng a fapafapang a mmuso;
b tumisa NLPF le ho hlokomedisa batho dipalo tsa molao wa motheo mabapi le tshebediso ya dipuo tse ngata;
c kgothaletsa bahlanka ba setjhaba hore ba nehelane ka thuso ya tshebeletso bathong ba hlokang thuso ka puo eo eleng ya bona;
d kgothaletsa batho ho sebedisa puo tsa bona le ho ithuta dipuo tse ding;
e lemosa kgwebo le mokgatlo wa poraete ka melemo ya mantla e ka fumanehang ka ho phethahatsa maano a tshebediso ya dipuo tse ngata;
f tlisa temoso ya boleng ba dipuo tsa Afrika Borwa tse fapafapaneng tseo eleng karolo ya lefa la rona;
g kgothaletsa kamohelo e kgolwanyane ya mamellano ya dipuo Afrika
Borwa;
h tlisa temoso ya melemo ya ho phela hara setjhaba se buwang dipuo tse ngata; le i etsa bonnete ba kutlwisiso e nepahetseng le botoloki ba leano maemong ohle;
Diyuniti tsa puo (tsa naha le tsa diprovense), DAC le PanSALB di tla etsa matsholo a ikgethang a temoso ya puo. Mafapha a mmuso kapa bahlanka ba setjhaba ka lebaka la seabo sa ona sa bohlokwa phethahatsong ya leano la puo e tla ba ona a habilweng ho feta dilemong tse pedi tse qalang ho sekehela temoso ena ya puo tsebe ho feta. Matsholo a tobisitsweng setjhabeng ka kakaretso le ona a tla etswa ka nako yona eo. Theepa ya papatso ya mefuta e fapafapaneng (mohlala, dipapatso tse tla etswa dipampiring tsa dikoranta le mangolong a ditaba a tla qhalanngwa) mme ho tla etswa le dikgokahano tsa puisano le boraditaba mabapi le letsholo le leng le le leng.
Botoloki ba Founu
Tikolohong ya moo ho sebediswang dipuo tse ngata botoloki ba founu bo thusa Mmuso ka mokgwa o baballang tjhelete wa ho rarolla bothata ba kutlwisiso ya puo le ho nehelana ka tshebeletso tse lekanang tseo ho fanwang ka tsona ke mmuso. Mokgwa ona wa ho toloka ke tsela e batlang e le bobebe le e baballang tjhelete ya ho notla tsela e neng e lokela hore e tsamauwe ho leba sebakeng seo tshelebeletso e hlokehang ho sona ka ho kgona ho fumana toloko founung. Botoloki ba founu bo loketse haholo tikoloho ya Afrika Borwa moo ho sebediswang dipuo tse ngata, moo monyetla wa thuso ya ditshebeletso tsa puo o ka hlokehang ka nako e kgutshwanyane maemong a tshohanyetso le dintlheng tsa moo ho thuswang batho jwalo ka ditliniking le diteisheneng tsa mapolesa, moo dipuo tse tla hlokeha le nako ya ditherisano e batlang e sa tsejwe.
Nakong ya jwale DAC e ntse e tshwere Tshebeletso ya Botoloki ba Founu ba Afrika Borwa (TISSA) ya teko ka morero wa ho fuputsa monyetla wa tshebeletso ya botoloki ba founu mona Afrika Borwa. Tshebeletso ena e ntse e hlahlojwa diteisheneng tse 70 tsa Sepolesa sa Afrika Borwa le boemong ba mmuso wa selehae ditliniking tse 11 tse itseng le dikhaontareng tsa tshebeletso ya batho tse 8 tsa Lekgotla la Motsemoholo wa Tshwane.
Ntshetsopele ya Puo tsa Khoe le San le Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa
PanSALB e se e hlomamisitse di-NLB ho ntshetsa pele, ho kgothaletsa le ho fumana dikarolo tse lokelang ho tadingwa pele ho tse ding bakeng sa ntshetsopele ya puo tsa Khoe, San le Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa ka sepheo sa ho phahamisa boemo ba dipuo tsena. Metheo e meng e teng e kgothaletsang ntshetsopele ya Dipuo tsa Afrika Borwa tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa ha mmoho le merero ya diprojekte tsa mose wane ho meedi ya rona e tla tshehetswa le yona. Tshebedisano ya baamehi e tla ba ya bohlokwa haholo mabapi le taba ena.
Boraditaba
Boraditaba ba tla ba le seabo se seholo ho tlisa temoso ka Moralo wa tshebetso wa Leano la Puo. Sepheo sa ho sebedisa boraditaba e tla ba ho toba setjhaba ka morero wa ho ba ruta ka dikahare tsa Leano hore ba be le kutlwisiso e nepahetseng ya ditokelo tsa bona le boikarabelo ba bona. Thuso ya boraditaba ka letsholo lena la ditaba tsa Leano la Puo e tla matlafatswa. Ho phaella hodima ditaba tsa dikoranta le tsa ilektroniki, ho tla sebediswa websaete ya DAC ho bapatsa tshebediso ya dipuo tse ngata. Mafapha a mang a mmuso le ona a tla kgothaletswa ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tse ngata diwebsaeteng tsa ona ha mmoho le dikgatiso tsa kantle.
DAC e tla sebedisa SABC le boraditaba ba bang ba dikgokahano jwalo ka diteishene tsa poraefete tsa radio ho kgothaletsa tshebediso ya tshebediso ya dipuo tse ngata. Mohlala, NLS nakong ya jwale e tshwere letsholo la morero wa projekte ya ntshetsopele ya mareo le seteishene se seng sa baahi.
TSHUSUMETSO DITJHELETENG LE TLHOMAMISO YA MOIFO WA BASEBETSI
Kakanyo ya ditshenyehelo tsa morero ona e ileng ya etswa ke Ramatlotlo wa Naha le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba ka 2001 e ile ya bontsha hore ditshenyehelo tse akanywang tsa phethahatso ya tshebediso ya dipuo tse ngata ka mokgwa o sebetsang ke tse ka kgonehang mme di ka etsetswa monyetla ka ho tlisa diphetoho tse nyenyane feela ditekanyetsong tse rerilweng tsa ditjhelete. Kakanyo ya ditshenyehelo e ile ya etswa ho latela mokgwa wa ho potolosa dihlopha tse nne tsa puo mme ho ile ha fumanwa hore sena se tla hloka keketso ya ditekanyetso tsa ditjhelete e ka tlase ho 1%. Tshebediso ya dipuo tse tsheletseng, ho latela NLPF, e tla tlisa ditshenyehelo tse batlang di le hodimonyana empa di keke tsa tlola 2%.
Leha diprovense le mebuso ya selehae di tla tataiswa ke dipalopalo tsa batho ba buwang puo ka boikgetho, mafapha a mmuso wa naha a tla lokela hore a etse hore ditokomane tsa molao di fumanehe ka dipuo tse latelang -
d Tshivenda; le
Bonyane e nngwe ya dipuo tse latelang:
Mekgatlo yohle ya mmuso e lokela hore e nehelane ka tshehetso e lekaneng ya ditjhelete bakeng sa phethahatso ya Leano la Puo le tsamaelanang le didikadikwe tsa Moralo wa Tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete wa Nako e Mahareng (MTEF), ka mokgwa o tla kenngwa ka hanyane hanyane ho tloha maqalong a selemo sa ditjhelete sa 2003/4.
Kakanyo tsa ditshenyehelo
Kakanyo tsa ditjhelete tsa ditshenyehelo tsa phethahatso ya Leano di tla nkella hloohong dintlha tse latelang:
a Tlhomamiso ya motheo o hlokehang wa Yuniti ya Puo lefapheng le leng le le leng kapa provenseng b Ho thaothwa ha basebetsi le thupelo c Meputso le menyetla ya Moifo wa tshebetso wa Yuniti d Lenaneo la Tshebetso la Yuniti ho thakgola phethahatso e Ho ntshetsa pele mosebetsi wa diphetolelo tshebeletsong tsa kantle f Palo ya dikgatiso lefapheng le leng le le leng g Thupelo ya motjha o tjhele ya Moifo wa basebetsi ba Yuniti
Theepa ya boemo bo tlwaelehileng e kang ya Tsamaiso (mohlala, ho tloswa ha basebetsi ho ba isa sebakeng se seng sa tshebetso, ho tsamaya ha bona, bodulo, ofisi le ditshenyehelo tsa founu), le palo ya theepa e teng polokelong (dibukana, kgatiso, ho etswa ha ditokomane, theepa e sebedisetswang ho ngola, theepa ya ofisi) theepa e nngwe e kang (dikhompeuta, theepa ya odiyo, theepa ya founu), kaofela ke dintho tse nang le tshusumetso ditshenyehelong.
Lenane le bontshitshweng setshwantshong se ka tlase le fana ka kakanyo ya ditshenyehelo le papiso ya tsona bakeng sa yuniti ya puo ka nngwe e kenngwa ka hanyane hanyane nakong ya MTEF.
Tshenyehelo tsa yuniti ya puo e le nngwe
Tlhophollo ya theepa e tlwaelehileng ho latela nako ya MTEF ka nngwe
Basebetsi
Tsamaiso
Dipolokelo
Theepa
Naha
Tloso
Tse ding
Tsela ya ditekanyetso tsa ditjhelete ya MTEF
Mohlomong e tla ba ntho ya bohlokwa hore ho hlaloswe hore mosebetsi ona o tla kenyeletsa dintho dife leha ho ntse ho nketswe hloohong hore Mafapha a tla phethahatsa NLPF ho latela METF. Tshebetso ya ditekanyetso tsa ditjhelete ya METF e simolla ka tlhohlomiso le tlhophiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tseo ho nehelanwang ka tsona pele ka Mmesa. Tjhoriso e tsamaelanang le moralo wa tshebetso wa moruo o batsi, leano la ditekanyetso tsa ditjhelete le DoR e tla etswa ho tloha ka Phupu ha Komiti ya Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Mahareng (MTEC) yona e tla boela e etsa dikgothaletso tsa yona. Tlhophiso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tse nang le dintlha le ditokomane di tla etswa ka morao hoba Moralo wa tshebetso wa Tshebediso ya ditjhelete Nakong e Mahareng (MTEF) o ananelwe nakong ya Mphalane ya 2003.
Mehato ena e latelang e lokela hore e latelwe pele ho phethahatswa ditekanyetso tsa ditjhelete:
Ngodiso ya leano tshebetsong ya naha le ya diprovense ya dintho tse lokelang hore di tadingwe pele ho tse ding.
Lefapha le nkele hloohong leano le moralo o batsi wa phethahatso.
Ntlha ya hore Lefapha le lokise moralo wa phethahatso le ho lekanya ditjhelete tsa ditshenyehelo.
Ntshetsopele ya kakanyo ya ditjhelete le ditekanyetso tsa Lefapha.
Ho fumana mehlodi ya ditjhelete.
Mafapha le diprovense a tla jara boikarabelo ba ho etsa ditekanyetso tsa phethahatso ya NLPF mahlakoreng a fapaneng a puso ya ona.
Tlhomamiso wa moifo wa basebetsi
Mafapha a tshebetso a tla thaotha moifo wa basebetsi ba Diyuniti tsa Puo mme DAC e nehelane ka thupello ho bona ba se ba ntse ba sebetsa boikarabelong ba bona, yona e tla sebedisana le bahlanka ba PanSALB. Mananeo a thupelo ya molao a tla ntshetswa pele (tadima 2.2.2).
Ho tla ba le diphapano tsa boholo ba diyuniti tsa mafapha a fapaneng ha mmoho le diprovense. Palo ya basebetsi ba sebetsanang le puo e hlokehang yuniting e nngwe le e nngwe ya puo e tla lokela hore e laolwe hore e kgeme le mananeo a Lefapha le a diprovense a dikgatiso ha mmoho le ditekanyetso tsa ditjhelete.
Boholo ba diyuniti tsa puo di tla tsepamiswa ke lenaneo la mosebetsi ha mmoho le bokgoni bo hlokehang ho tsamaisa le ho phethahatsa Leano. Mohlala, karolo ya moifo wa basebetsi e tla lokela hore e kenyeletse bafetoledi, bahlaodi ba diphoso, baradi ba puo, ba sebetsanang le mareo, ba leksikhokrafi, jwalo jwalo.
MAIKUTLO A MOKWALLO
DAC e lemoha hore phethahatso ya Leano e tla tlisa diphephetso tse kgolo. Leha ho le jwalo Lefapha le tla itshetleha haholo tshebedisanong ya mahlakore kaofela a amehang hore a phethahatse maikemisetso ohle a boletsweng.
BOIKEMISETSO
TSHEBETSO
MASUPI A KATLEHO
BOIKARABELO
NAKO
Ho fetisa Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa Palamenteng
Ho nehelana ka moralo wa NLPF Khabineteng
Ho nehelana ka Moralo wa Phethahatso Khabineteng
Ho nehelana ka Bili ya Dipuo tsa Afrika Borwa Khabineteng
Ditherisano le Komiti ya Potfoliyo
Bili e tla tekwa ka Palamenteng
Leano le ananetsweng ke Khabinete
Moralo wa phethahatso o ananetsweng ke Khabinete
Bili ya Dipuo tsa Afrika Borwa e ananetsweng ke Khabinete
Kananelo ya Komiti ya Potfoliyo
Bili e fetisitsweng ebile e amohetswe
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC)
Tlhakubele 2003
Phato 2003
Tlhomamiso ya Foramo ya Naha ya Puo(NLF)
Tlhophiso ya wekshopo ho tshohla phethahatso
Baemedi ba tswang mafapheng kaofela kapa diprovenseng
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC)
Ho phatlalatsa melawana tlasa Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa
Diyuniti tsa Puo
Khutu ya Puo ya Boitshwaro ya Tshebeletsong ya Setjhaba
Diyuniti tsa puo tse sebetsang
Khoutu ho latela ditlhoko tsa Leano.
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) le Lefapha la Tsamaiso ya Tshebeletso ya Setjhaba (DPSA)
Ho hlomamisa diyuniti tsa puo
Tlhakiso ya mahlale a puo le bokgoni ho thusa ka monyetla wa thaotho moifong wa basebetsi ba teng
Moifo wa basebetsi o tla thaothwa o be o fuwe mosebetsi
Lesedi le nepahetseng le bontshang boemo ba puo mekgatlong ya mmuso
Ka tsela e tsamaelang le dithoko le tlhokeho ya mafapha
Mafapha a amehang le Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC)
Ho hlomamisa Lekgotla la Afrika Borwa la Basebetsi ba sebetsang ka Puo
Ho hloma moifo o tla thusa ho fana ka mangolo ho bafetoledi, ditoloko, ba mareo, le ba leksikhokrafi, le ho laola profeshene ena
Ngodiso ya basebetsi ba puo ba profeshenale Afrika Borwa
Basebetsi ba profeshenale ba nang le mangolo
Tsepamiso ya maemo a ho hlahloba le ho aba mangolo a thuto a mesebetsi ya profeshene ya puo e amehang
Ho fuputsa, ho etsa le ho ntshetsapele theknoloji e loketseng
Ho theha selekane le ba ntshetsang pele theknoloji
Dipuo tsa Se-Afrika tse tswetseng pele ho latela theknoloji
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba (DAC) ka tshebedisano le PanSALB, Lefapha la Dikgokahano, Di-NLU, basebetsi ba sebedisang puo, dibaka tsa thuto, Mekgatlo ya boemedi ya IT le mekgatlo ya poraefete le ho ya ho ile
Ho nehelana ka keletso e bontshang tsebo ya puo
Ho tshwara dipatlisiso tsa le ditlhakiso tsa puo
Diqeto tse thehilweng keletsong tse tsitsitseng
Ho ya ho ile, bonyane hang ka selemo
Ho phahamisa boemo ba dipuo tsa Se-Afrika ho kenyeleditswe le Khoe, San le Dipuo tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa
Ho tshwara matsholo a temoso ya puo
Ho fumana ditaba tse ding tsa puo tseo e eleng bothata ba naha
Ho totisa temoho ya seabo sa mokgatlo wa puo
Tshehetso ya mekgatlo ya mmuso ho latela phethahatso ya Leano
Tshehetso ya setjhaba ho latela ?tseko? ya dipuo tsa bona
Ho ya ho ile
Ho ntshetsapele dipuo tsa Se-Afrika le Dipuo tsa batho ba sebedisang matsoho ho buwa
Ho fumana dibaka tse loketseng hore di tadingwe pele ho tse ding
Ho tshehetsa metheo e teng ho kgothaletsa ntshetsopelo
Ho hlomamisa le ho thusa metheo kapa mananeo a amehang ntshetsopeleng ya puo
Ho tshehetsa merero ya diprojekte tsa dipuo tse arolelanwang le dibaka tsa mose ho meedi ya rona
Mengolo
Melawana ya mopeleto le kerama
PanSALB, di-PLC, di-NLB, di-NLU, DAC, dibaka tsa thuto, dibaka tsa diphuputso, ba mekgatlo ya poraefete, batho ka bobona, mekgatlo ya basebetsi ba profeshenale, di-NGO, di-CBO, le mafapha a mmuso
PanSALB, di-PLC, di-NLB, DAC, dibaka tsa thuto, dibaka tsa diphuputso, mekgatlo ya basebetsi ba profeshenale, di-NGO, di-CBO, le mafapha a mmuso
Ho ya ho ile
PHETHAHATSO YA MORALO YA LEFAPHA LA NAHA (MOHLALA, LEFAPHA LA THUTO)
Moralo wa phethahatso o thehilwe hodima kgopolo ya hore Molao wa Dipuo tsa Afrika Borwa o tla qala ho sebetsa ka Loetse 2003.
MAIKEMISETSO
MESEBETSI
MASUPI A KATLEHO
BOIKARABELO
NAKO
Ho ikamahanya le Leano la puo
Ho kgetha Komiti ya Leano la Puo
Ho tshwara wekshopo ya ditherisano le moifo wa basebetsi
Ho rala Leano la puo
Ho etsa ditekanyetso tsa ditjhelete tsa phethahatso e tla nneng e eketswe ho ya pele (selemong sa 1 e tla ba 30%; selemong sa 2 e tla ba 60%; selemong sa 3 e tla ba 100%)
Leano le kgotsofatsa ditlhoko tsa NLPF
Tshehetso ya Moifo wa tshebetso
Leano la Puo le kgemang ha mmoho
Tshehetso ya ditjhelete ya phethahatso ya Leano
Batsamaisi ba baholo
Batsamaisi ba baholo
Batsamaisi ba baholo
Molaodi ya akaretsang
Pherekgong 2004
Tlhomamiso ya yuniti ya puo
Qeto ka boholo ba Yuniti ya Puo
Tlhakiso ya mahlale a puo le bokgoni ba moifo wa basebetsi
Ho thaothwa ha moifo wa basebetsi wa bafetoledi ba 6 le ditlereke tse 2 :
Papatso
Dipuisano tsa mosebetsi le ho kenngwa mosebetsing ha basebetsi
Thupelo ya moifo wa basebetsi ba Yuniti ya Puo phethahatsong ya Leano la Puo
Kabo ho latela tlhoko tsa mananeo a dikgatiso
Lesedi le nepahetseng le bontshang mahlale a puo, mangolo a thuto le maemo a tsebo ya puo ya moifo wa basebetsi
Moifo wa basebetsi ba nang le tsebo ya mosebetsi
Batsamaisi ba baholo
Dikgokahano
Pudungwane 2003
Pudungwane ho isa ho Tshitwe 2003
Pherekgong ho isa ho Mmesa 2004
Motsheanong 2004
Ho matlafatsa kutlwisiso ya Leano la puo
Diwekshopo tsa moifo wa basebetsi ba DoE ka Leano la Puo le boikarabelo ba bona le ditokelo ho latela Molao wa Dipuo
Tshebediso e nepahetseng ya Leano la Puo
Kutlwisiso e ntle ya ditokelo le boikarabelo ba moifo wa basebetsi ha mmoho le ditokelo tsa batho ba hlokang ho thuswa ka ditshebeletso
Yuniti ya puo
Ho fetolela le ho hlaola diphoso ho latela leano
Phetolelo le tlhaolo ya diphoso ya ditokomane e tla kenngwa tshebetsong ka hanyane hanyane (selemong sa 1 e tla ba 30%; selemong sa 2 e tla ba 60%; selemong sa 3 e tla ba 100%)
Taolo ya ho lebisa mosebetsi wa diphetolelo basebetsing ba fetolelang ba kantle:
Taolo ya boleng
Ho fihlela ditumellano tsa mosebetsi wa phetolelo le bafetoledi ba kantle
Diphetolelo tsa boleng
Yuniti ya puo
Ho hatisa ditokomane ho latela Leano
Ho fihlela tumellano ya mosebetsi wa ho hatisa ditokomane le bahatisi ho hatisa ditokomane ho latela tsela ya ho etsa mosebetsi ona ka hanyane hanyane (selemong sa 1 e tla ba mosebetsi wa 30%;selemong sa 2 e tla ba 60%; selemong sa 3 e tla ba 100% ya mosebetsi)
Boballi le tlhaolo ya diphoso mosebetsing wa ditokomane tse loketseng ho hatiswa
Dikgatiso tse kgotsofatsang ditlhoko tsa Leano la Puo
Yuniti ya Puo, Dikgokahano
Nehelano ya tshebeletso tsa botoloki ho latela Leano
Ho fihlela tumellano ya ho fana ka mosebetsi wa ho toloka bakeng sa mosebetsi wa ho toloka o itseng
Botoloki bo nepahetseng ba dipuo tse hlokehang
Yuniti ya puo
Ho fana ka keletso ya puo
Keletso ya motjha o tjhele batsamaising le ho moifo wa basebetsi mabapi le tshebediso ya puo, tshebediso ya Khoutu ya Puo ya Boitshwaro, phetolelo le ho toloka, kgothaletso ya tshebediso ya dipuo tse ngata
Keletso ho latela ditlhoko tsa Leano la Puo le ditlhoko tsa moifo wa basebetsi
Ho fana ka dithupelo tsa tjhoriso ya puo
Ho fihlela tumellano le barupedi ba loketseng ba tla nehelana ka thupelo ya ho ithuta puo
Thuto e bopehileng hantle sehlopheng se seng le se seng sa dipuo tse 11 tsa molao tse potolohong
Yuniti ya puo
Ho kenela diseminara tsa puo tse mabapi le phethahatso ya Leano, phetolelo le ditaba tsa tlhaolo ya diphoso
Ho nehelana ka mareo ho NLS ka morero wa ho tshehetsa ntshetsopele ya puo le kgokahano ya mareo
Ho finyella diseminareng kgafetsa
Manane a mareo dipuong tse loketseng ka motheo wa motjha o tjhele
Yuniti ya puo
